TUMELLO YA HO FUWA DIKELETSO TSA
BATHO BA YANG MATSATSING A PHOMOLO
PELE O YA PHOMOLONG ? NKA MEHATO ENA E BONOLO:
Ha o ya phomolong etsa bonnete ba hore:-
ho ba le motho ya tla ntsha mangolo a hao lebokosong la poso;
o tsebisa baahisani ba hao; mme o tlalehele maponesa.
Tlosa dintho tsa bohlokwa hape tse hohelang batho hore di se ke tsa bonahala ka fenstere.
Etsa bonnete ba hore dithunya le mabenyane di bolokwa sebakeng se bolokehileng hole le thepa ya hao.
O ka nna wa leka ho bua le motswalle hore a nne a ho kutele jwanng le/kapa a emise koloi ya hae jareteng ya hao ho etsa e ka ho na le batho.
O se ke wa kwala dikgaretene kapa di-blinds hobane hona ke sesupo se hlakileng sa hore ha ho na batho.
Notlela karatjhe ya hao ka senotlolo se matla.
O se ke wa tsamaya o tsebisa batho bohle ka merero ya hao ya ho ya phomolong.
O se ke wa siya dintho tse nyenyane tsa bohlokwa tse jwalo ka mabenyane, diwatjhe, diradio tse nyenyane, diaparo, dikhamera kapa diphese sebakeng se ka hare seo motho a ka se fihlelang ha a ka kenya letsoho feela fenstereng e butsweng ? le haebe o na le ditshepe tsa di-burglar fenstereng.
Tlohela difothokhopi tsa dinomoro tsa phasepoto ya hao, laesense ya hao ya ho kganna, credit card le ditjheke tsa baeti le motswalle kapa wa leloko bakeng sa ha o ka batla ho fumana tse ding tsa dipampiri tsena hape.
HA O LE PHOMOLONG ? NKA MEHATO ENA E BONOLO:
O se ke wa siya phahlo ya hao e sa hlokomelwa.
Beha dintho tsa bohlokwa lebokosong la ho boloka dintho la hoteleng.
Dula o notletse phaposi ya hao, ha o le teng le ha o le siyo ka hare.
Ha ho na le motho ya kokotang, sheba hore ke mang pele o ka bula lemati.
Siya dinotlolo tafoleng e ka pele ha o tswa hoteleng.
Hlokomela motho eo o sa mo lebellang ya tlang phaposing ya hao ya hotele. O se ke wa bula lemati bakeng la tshebeletso ya ka phaposing eo o sa e kopang. Letsetsa ba tafoleng e ka pele ha o belaela ho itseng.
Etsa bonnete ba hore phahlo ya hao o e neha e mong wa basebetsi ba hotele mme o fumane rasiti bakeng sa phahlo eo.
O se ke wa siya tjhelete, ditjheke, di-credit card kapa dinotlolo tsa koloi ka phaposing. Di tshware ho wena.
SETERATENG:
Qoba ho nna o shebana le dintho, mabenyane le dikhamera tse turang tse bontshwang moo o fetang teng.
O se ke wa tsamaya o tshwere tjhelete e ngata haholo ho wena.
Bosiu o se ke wa tsamaya mafifing le dibakeng tse se nang batho.
Ho molemo ho tsamaya le boha dintho le le sehlopha, le teng le tsamaya diterateng tse kgantshitsweng hantle tse sebediswang ke batho ba bangata
Rera tsela eo o tla tsamaya ka yona pele o tloha.
Leponesa kapa ofisiri wa sephethephethe a ka thabela ho o supisa moo yang ha o lahlehile.
Ha o batla ho bitsa tekesi, hotele eo o leng ho yona kapa ofisi e fanang ka tlhahisoleseding ho bahahlaudi e ka ho bolella hore ke ho kae moo o ka fumanang tshebeletso e tshepahalang.
Kenya walete le/kapa selfounu ya hao ka pokothong e ka hare ya baki, kapa ka pokothong e ka lehlakoreng ya borikgwe, o se ke wa di kenya ka pokothong e ka morao
O se ke wa tsamaya o ntse o bolella batho hore o mohahlaudi.
O se ke wa tsamaya o ntse o fana ka tjhelete bathong ba leng tseleng ba ntseng ba kopa.
Tseba sebaka se ho potapotileng le ba ho potapotileng. Ha o ikutlwa o tshaba kapa o sa iketla, batla thuso.
KA KOLOING:
Dula o notletse mamati a koloi ka dinako tsohle mme o kwale le difenstere.
Kwalla dintho tsa bohlokwa ka butung (ka therankeng).
Bosiu, emisa koloi sebakeng se kgantshitsweng hantle.
O se ke wa emisa ho palamisa batho bao o sa ba tsebeng.
Ha o belaela hore sebaka ha se a bolokeha, letsetsa seteisheneng sa maponesa ho batla keletso.
Ha o ka lahleha, kganna o ye sebakeng se nang le batho ba bangata e be o lekola mmapa..
TRANSPOROTONG E SEBEDISWANG KE BOHLE:
Sebedisa dibaka tseo ho emelwang transporoto tse kgantshitsweng hantle. Ema haufi le bapalami ba bang. Dula haufi le mokganni.
Dula o fadimehile, mme o se ke wa robala ha o le leetong.
Ha ho na le motho ya ntseng a ho tshwenya, baka lerata / hlaba mokgosi wa tshohanyetso.
DIKELETSO TSENA TSA POLOKEHO DI HLAHISITSWE KE BA DITSHEBELETSO TSA SEPONESA SA AFRIKA BORWA, BA LEKALA LA THIBELO YA BONOKWANE, LEKALA LA SEPONESA SE SEBETSANG KA HO BONAHALA KA HARA SETJHABA, BA DITSHEBELETSO TSA MERABE, MOLEMONG WA SETJHABA SA AFRIKA BORWA LE WA BAETI BA HLAHANG DINAHENG TSE KA NTLE.
